DIKOPORASI1
Lentswe "corperative" (koporasi) le nkuwe lentsweng "cooperate" (ho sebedisana) mme le bolela ho sebetsa hammoho ho fihlella sepheo se tshwanang. Sepheo se tshwanang se ka etsang hore batho ba sebedisane e ka nna ya ba ntho efe kapa efe jwalo ka ho boloka tjhelete, ho aha matlo, kapa ho thea koporasi ya kgwebo o hlahisang mesebetsi bakeng sa ditho tsa koporasi eo.
Molao wa Koporasi ya nomoro 14 wa 2005 o hlalosa koporasi ka tsela e latelang:
Koporasi ke lekgotla le ikemetseng la batho ba ithaopelang ho kopana ka sepheo sa ho fihlella ditlhoko tsa bona tse tshwanang tsa moruo, setjhaba le setso le ditabatabelo ka ho ya ka koporasi e kopanetsweng le e laolwang ke maikutlo a bongata mme koporasi eo e hlophiswa le ho tsamaiswa ka melao ya koporasi."
Phapang ke Efe pakeng tsa Koporasi le Khampani?
Koporasi e hlophiswa ka sepheo sa ho fana ka tshebeletso ho ditho tsa yona. Ka ho tlwaelehileng mona Afrika Borwa tshebeletso e jwalo e kenyelletsa ho neha ditho tsa koporasi mesebetsi. Khampani e thewa ka sepheo sa ho etsa phaello bakeng sa beng ba yona e seng ho neha baahi ba motse mesebetsi.
Koporasi ke sehlopha se hlophisitsweng se laolwang ke lentswe la bongata ba ditho tsa yona. Sena se bolela hore maemo a mosebetsi, meputso e lefuwang le diqeto tse ding tsohle tsa kgwebo di etswa ke basebetsi. Molao wa koporasi e bontsha hore setho se le seng se amohela voutu e le nngwe nakong eo ho etswa diqeto.
Leha ho le jwalo, khampaning ya praevete, monga khampani eo ke yena ya nang le taolo e feletseng mabapi le hore basebetsi ba tshwanetse ho tshwarwa jwang le ho etsa diqeto tsohle tsa kgwebo. Khampaning ya batho bohle batho ba nang le diabo ke bona ba laolang diqeto tsa kgwebo mme haeba motho a na le diabo tse ngata khampaning eo, o tla ba le divoutu tse ngata.
Melemo ya ho Bopa Koporasi ya Kgwebo
Dikoporasi e Ntshetsa pele Metse e Phetseng Hantle:
Khampaning beng ba kgwebo ke bona ba bolokang boholo ba phaello e etswang ke khampani eo. Mme hangata ba dula metseng e meng. Sena se bolela hore tjhelete e etswang ke khampani motseng oo e ya tswa mme esita le ho tswa naheng. Dikoporasi yona e thibela ho tswa hona ha tjhelete motseng ka hobane basebetsi ba arolelana phaello ka ho lekana. Ka hobane basebetsi ba dulang motseng oo mme ba sebedisa tjhelete ya bona motseng oo, sena se etsa hore metse ya bona e matlafale.
Dikoporasi e Ntlafatsa Boleng ba Mosebetsi:
Ka hobane basebetsi ba laola kgwebo ho ya ka lentswe la bongata mme hape ba kgetha batsamaisi ba kgwebo, batsamaisi ba ikarabella ho basebetsi mme ba ke ke ba etsa hore mofufutso ba basebetsi o tswele boyeng ba ntja jwalo ka ha ho etsahala khampaning. Basebetsi ba fuwa matla ka hobane ba laola diqeto tse etswang mosebetsing.
Mesebetsi e Tshehetswa Hantle Koporasing:
Khampani ke kgwebo e sebetsang ka sepheo sa ho etsa phaello bakeng sa batho ba mmalwa. Hangata sena se bolela hore basebetsi ba tlohediswa mosebetsi mme dibaka tsa mosebetsi di a kwalwa haeba ho sa etswe phaello e lekaneng bakeng sa beng ba khampani kapa haeba beng ba khampani ba ka kgona ho etsa phaello dibakeng tse ding. Empa ka lehlakoreng le leng, koporasi e thewa ka sepheo sa ho fana ka mosebetsi ho baahi ba motse. Beng ba koporasi ke basebetsi ba dulang motseng mme ba ke ke ba kwala kgwebo e le hore ba etse phaello dibakeng tse ding.
Metheo e Supileng ya Koporasi
Dikoporasi lefatsheng ka bophara di latela metheo e supileng ya bohlokwa:
Ho ba setho sa koporasi ka boithaopo mme monyetla wa ho ba setho o buletswe batho bohle
Dikoporasi ke mekgatlo ya boithaopo – ha ho motho ya qobellwang hore e be setho sa yona. Dikoporasi di buletswe batho bohle ba ka kgonang ho sebedisa ditshebeletso tsa bona le ba ithaopang ho amohela boikarabelo bakeng sa ho ba ditho tsa koporasi. Ha ho na kgethollo ya bong, botjhaba, borabe, dipolotiki kapa bodumedi.
Koporasi e laolwa ke lentswe la bongata
Dikoporasi di laolwa ke lentswe la bongata ba ditho tsa tsona. Ditho di na le seabo se seholo mabapi le ho etsa diqeto dipholising. Koporasi e ka kgetha ditho tse itseng hore di sebetse dikomiting tse itseng kapa ho etsa mesebetsi e itseng. Leha ho le jwalo, ka dinako tsohle ditho tsena di tshwanetse ho ikarabella ho ditho tsa koporasi. Batho bao ba tshwanetse ho phethahatsa boikarabelo ba bona bakeng sa thahasello ya koporasi le ho dula ba hlaha ditho leseding mabapi le dintho tse tswelang pele
E mong le e mong koporasing o na le lentswe le lekanang - voutu e le nngwe bakeng sa setho se le seng. Ha ho tsotellehe hore na setho se na le diabo tse kae koporasing, hore na setho se etsa kgwebo e kae bakeng sa koporasi, kapa hore na setho ka seng se etsa mosebetsi o mokae. Setho se seng le se seng se na le lentswe le lekanang mabapi le diqeto kaofela tse kgolo.
Ho ba le seabo ha setho moruong
Sepheo sa bohlokwa haholo sa koporasi ke ho fana ka ditshebeletso dithong tsa yona. Sepheo sa koporasi ke ho nea ditho tsa yona ditshebeletso tse sa tureng, kapa ho etsetsa ditho tsa yona mesebetsi. Ditlhoko tsa ditho ke tsona tse tlang pele. Ditho tsa koporasi e fanang ka ditshebeletso di ka bapatsa dihlahiswa tsa tsona ka theko e ntle; di ka rata ho reka thepa ka ditheolelo; kapa di ka rata ho etsa dikadimo tsa tjhelete ka tswala e sa phahamang haholo kadimong.
Ditshebeletso dife kapa dife tsa koporasi di tshwanetse ho fuwa ditho ka ho kgethehileng. Mohlala, koporasi ya balemi e tla bapatsa haholo dijalo tsa masimong kapa diphoofolo tsa ditho tsa yona, e seng bakeng sa batho ba leng ka ntle ho koporasi. Metjhini e rokang ya koporasi ya ho roka e tla ba ya ditho tsa koporasi ka ho kgethehileng, e seng bakeng sa batho ba ka ntle bao e seng ditho tsa koporasi.
Ditho di tla ntsha "tjhelete" bakeng sa koporasi ya bona le ho laola ditaba tsa moruo tsa koporasi ka lentswe la bongata. Koporasi e sebedisa "tjhelete" ena ho fihlella ditabatabelo tsa koporasi. Dikoporasi di ka fumana tjhelete ena ka diabo tse rekisitsweng dithong, ditefo tsa ho ba ditho, dithuso, dinehelo, dikadimo le ditjhelete tse setseng mesebetsing ya dilemo tse fetileng.
Tjhelete e itseng (mme mohlomong kaofela ha yona) eo koporasi e e sebedisang bonnete ke tjhelete ya ditho, hangata e bopa diabo le diabo tsa dibonase. Setho se seng le se seng se tsetela ka tjhelete e itseng le ho amohela diabo. Diabo di bontsha hore setho se na le thepa e itseng (tjhelete le thepa) ya koporasi. Tjhelete efe kapa efe e nngwe eo koporasi e e sebedisang ke ya koporasi kaofela.
Motho ya nang le diabo khampaning o reka diabo ka tshepo ya hore o tla etsa phaello. Setho sa koporasi se kena koporasing le ho ntsha tjhelete ka hobane koporasi e neha ditho melemo e itseng.
Haeba koporasi e sallwa ke tjhelete ka mora ho lefa dikoloto tsohle le makgetho le ho neha ditho ditjhelete tse rerilweng, tjhelete eo e setseng e bitswa "tjhelete e setseng". Ka ho tlwaelehileng tjhelete e jwalo e setseng e sebediswa haholo ho ntshetsa pele koporasi. Mohlala, ka ho tlwaelehileng koporasi e rera hore e be le tjhelete e salang e sebediswang e le hore e sebedise tjhelete eo bakeng sa ho atolosa le ho ntshetsa pele kgwebo ya koporasi kapa ditshebeletso tseo e di fang ditho tsa yona.
Leha ho le jwalo, haeba ho na le tjhelete e setseng e neng e sa lebellwa, sena se bolela hore (koporasing ya basebetsi) mohlomong meputso e ne e le hodimo haholo kapa (koporasing e fanang ka ditshebeletso) ditheko kapa ditefiso tsa ditshebeletso di ne di phahame haholo. Boemong boo, tjhelete ena e setseng e ka kgutlisetswa ho ditho, kapa e ka sebediswa ho tshehetsa mesebetsi e meng e dumeletsweng ke ditho.
Tjhelete efe kapa efe e fetang e neng e rerilwe e fuwang ditho e tshwanetse ho abuwa ho lekana le tjhelete e ntshitsweng ke setho ka seng bakeng sa tjhelete ena e setseng. Mohlala, koporasi ya krosari e ka kgutlisetsa karolo ya tjhelete e setseng ho ditho tsa yona ho lekana le boleng ba thepa e rekilweng ke setho ka seng nakong ya selemo.
Boikemelo
Dikoporasi di ikemetse mme di laolwa ke ditho tsa tsona. Dikoporasi di ka etsa ditumellano le mmuso le dikoporasi tse ding, empa ka dinako tsohle di tla tiisa hore di boloka taolo ya tsona e laolwang ke lentswe la bongata ba ditho tsa yona. Dikoporasi ha di a lokela ho laolwa ke mekga e meng e tswang ka ntle.
Koporasi e tshwanetse ho tswela pele e fane ka thuto le thupelo ho ditho tsa yona, e kgethe bahlokomedi, batsamaisi le bahiruwa. E tshwanetse ho ruta ditho tsa yona ditaba tse mabapi le tsamaiso le taolo ya koporasi, ditokelo le boikarabelo ba ditho tsa koporasi, le ditaba tsa kgwebo. Ditho tsohle tsa koporasi di tshwanetse ho hlomellwa hantle hore di kenye letsoho ka katleho ntshetsopeleng ya koporasi. Hape koporasi e tshwanetse ho neha batho bohle lesedi mabapi le dikoporasi tsena le kamoo di sebetsang ka teng.
Tshebedisano hara dikoporasi
Dikoporasi di tshwanetse ho sebedisana. Sena se tla matlafatsa tsamaiso ya dikoporasi.
Ho ameha ka baahi
Dikoporasi di sebeletsa ntshetsopele ya baahi bohle ba tsona. Diqeto di etswa ke ditho, empa ditho di lebeletswe hore di bontshe kameho bakeng sa ntshetsopele ya baahi ba ka thusang motho e mong le e mong.
Mefuta ya Dikoporasi
Molao ha o thibele lenane la mefuta ya dikoporasi e ka ngodiswang. Menyetla e meng e kgonehang ke ena:
Dikoporasi ya Temo
Koporasi ya temo ke koporasi e hlahisang, e etsang kapa e bapatsang dihlahiswa tsa temo le ho fana ka lesedi kapa ditshebeletso ho ditho tsa yona.
Koporasi ya Bareki
Koporasi ya bareki ke koporasi e fumanang le ho aba thepa ya ditho tsa yona le bao e seng ditho, le ho fana ka ditshebeletso bakeng sa ditho. Koporasi e rekang dikrosari ka bongata le ho di rekisetsa ditho tsa yona le batho bohle le ho di neha ditho tsa yona ka ditheolelo tse kgethehileng kapa ho kgutlisetswa tjhelete ya thekiso ke mohlala wa koporasi ya bareki.
Koporasi e Bapatsang le o Fepelang ka Thepa
Koporasi e bapatsang le e fepelang ka thepa ke koporasi e hlahisang lesedi kapa e sebetsang ka dihlahiswa tsa bona. Mohlala wa sena ke koporasi e rokang e nehang ditho tsa yona masela le metjhini e rokang le ho bapatsa thepa e rekilweng. Karolo ena e kenyelletsa ho bapatsa dikoporasi tsa temo le tse fepelang ka thepa.
Koporasi ya Matlo
Koporasi ya matlo ke koporasi eo haholoholo o fanang ka matlo bakeng sa ditho tsa yona, kapa koporasi e tlase e fanang ka ditshebeletso tsa bokgoni le tsebo dikoporasing tsa matlo.
Koporasi ya Ditshebeletso tsa Ditjhelete
Koporasi ya ditshebeletso tsa ditjhelete ke koporasi eo sepheo sa yona se seholo e leng ho fana ka ditshebeletso ho ditho tsa yona, kapa koporasi e tlase ho yona e fanang ka ditshebeletso tsa ditjhelete koporasing e kgolo. Mohlala ke koporasi e tsetelang le e fanang ka dikadimo moo ditho di tsetelang hammoho le ho adimana ka tjhelete.
Dikoporasi tsa Ntshetsopele ya Setjhaba
Koporasi ya setjhaba ke koporasi e sa etseng phaello e fanang ka ditshebeletso ho ditho tsa yona, jwalo ka tlhokomelo ho maqheku, bana le batho ba kulang.
Dikoporasi tsa Lepato
Koporasi ya lepato ke koporasi e fanang ka ditefello tsa lepato, ho kenyelletswa le inshorense ya lepato le ditshebeletso tse amanang le lepato, bakeng sa ditho tsa yona le batho ba itshetlehileng ka ditho tsena.
Koporasi ya Ditshebeletso
Koporasi ya ditshebeletso ke koporasi e fanang ka ditshebeletso tsa matlo, tlhokomelo ya bophelo, dipalangwang, neheletsano kapa ditshebeletso tse ding.
Dikoporasi tsa Basebetsi
Koporasi ya basebetsi ke koporasi e nehang ditho tsa yona, kapa koporasi e tlase e fanang ka ditshebeletso dikoporasing tse kgolo.
Ho ka kgoneha hore mefuta e mebedi ya dikoporasi e kopane bakeng sa merero e mengata.
Kamoo ho ka ngodiswang Koporasi
Pele koporasi e kopa hore e ngoditswe, koporasi eo e tshwanetse ho tshwara seboka se le seng bonyane le batho ba thahasellang pele koporasi e kopa ho ngodiswa. Batho ba leng sebokeng seo ba tshwanetse ho amohela molao wa motheo wa koporasi le ho kgetha batsamaisi ba pele ba koporasi.
Ka mora seboka sena, sehlopha se tshwanetse ho romela kopo ho Mongodisi wa Dikoporasi (Registrar of Cooperatives) bakeng sa ngodiso. Kopo ena e tshwanetse ho etswa foromong ya mmuso e fumanehang ofising ya Mongodisi. Lenane la ditho tse tshwanetseng ho tshehetsa kopo ya ngodiso le tla fapana ho ya ka maemo a dikoporasi:
Koporasi e ka sehloohong (primary)– batho ba bahlano bonyane
Koporasi ya bobedi (secondary) – dikoporasi tse tlase tse pedi bonyane
Koporasi ya boraro (tertiary) – dikoporasi e tlasana e mebedi bonyane
Ditho tsa koporasi ya bobedi e ka nna ya ba "batho ba molao" jwalo ka dikoporasi tsa batho ho e na le batho ka bomong. "Motho wa molao" ke sehlopha se nang le matla a tshwanang a molao jwalo ka motho ka mong, jwalo ka tokelo ya ho saena dikontraka le ho tlisa dinyewe makgotleng a molao.
Sehlopha se tshwanetse ho romela ditokomane tse latelang ho Mongodisi:
Molao wa motheo wa koporasi, o saenweng ke ditho tse kopang ho ngodiswa koporasi ("ditho tsa koporasi"),
Lenane la mabitso a ditho tsa koporasi,
Lenane la mabitso a batsamaisi, le
Tefello ya ngodiso, kapa bopaki ba hore tefello ya ngodiso e entswe.
Tjhelete e lokelang ho leshwa bakeng sa ngodiso e hlaloswa ke melao e leng dikarolong 1 le 6 tsa Molao wa Dikoporasi.
Ngodiso
Mongodisi wa Dikoporasi e tshwanetse ho ngodisa koporasi haeba kopo e fihlella maemo a latelang:
Kopo e kgotsofatsa dintho tsohle tse hlokahalang ho ya ka Molao wa Dikoporasi.
Molao wa motheo wa koporasi eo o fihlella dintho tsohle tse hlokahalang tsa Molao wa Koporasi.
Molao wa motheo wa koporasi e iphaphatha le melao ya koporasi.
Lebitso le sisintsweng la koporasi eo le iphaphatha le melao ya Molao wa Dikoporasi mabitso a koporasi.
Haeba Mongodisi a kgotsofetse hore kopo ena e fihlella maemo ana kaofela, Mongodisi o tla neha koporasi eo lengolo la tumello la ngodiso le nomoro ya ngodiso. Hang ha koporasi e ngodisitswe, o fetoha "motho wa molao". Sena se bolela hore koporasi eo e na le matla a molao jwalo ka dikhampani le dihlopha tse ding tse tshwanang le yona.
Mohlala, koporasi ena o tla tswela pele o le teng esita le haeba ditho tsa yona di fetoha ka mora nako. Koporasi ena o ka nna wa bula diakhanto tsa banka le ho reka thepa. O ka nna wa etsa ditumellano tsa kontraka le ho ba karolo ya dinyewe tsa lekgotla. Jwalo ka "motho wa molao" koporasi e na le ditokelo tse tshwanang le matla a tshwanang le a batho ba bang.
Pele sehlopha se ngodiswa jwalo ka koporasi, ha se na matla ana. Haeba motho ya sebeletsang lebitsong la koporasi a kena tumellanong ya kontraka ka lebitso la koporasi pele koporasi e ngodiswa, motho eo o tla ikarabella bakeng sa diphello tsa diketso tsa hae. Empa leha ho le jwalo, koporasi e ka etsa tumellano ya kontraka nakong ya kgwedi e le nngwe ka mora hore o ngodiswe ho ya ka qeto e entsweng sebokeng se tlwaelehileng. Haeba koporasi e amohela tumellano ya kontraka ka tsela ena, koporasi e tlangwa ke yona mme motho ya ileng a saena kontraka ena a ke ke a hlola a tlangwa ke kontraka eo.
Hang ha koporasi e ngodisitswe, Lefapha la Kgwebo le Indasteri le tla kgona ho o neha tshehetso e kgethehileng, haeba:
O latela melao ya koporasi,
O na le batho ba batsho, basadi, batjha, batho ba dulang dibakeng tsa mahaeng, basadi kapa batho ba nang le ho se itekanele ho itseng mmeleng,
LE
O kgothalletsa tshwaro e lekanang le ho nka karolo ha ditho tsa yona.
Lebitso la Koporasi
Koporasi e nngwe le e nngwe e ngodisitsweng e tshwanetse ho ba le lebitso le fapaneng le la mabitso a dikoporasi tse ding. Mongodisi wa Dikoporasi a ke ke a dumella ho ngodisa lebitso le tshwanang le lebitso la koporasi e nngwe e le hore ho se be le pherekano.
Mongodisi o tla hana ho dumella lebitso le ka lahlang batho, le sa rateheng kapa le hanetsweng ka tsela efe kapa efe. Mohlala, koporasi e ke ke ya ipitsa "khampani".
Lebitso lena "koporasi" kapa "co-op" le tshwanetse ho ba karolo ya lebitso. Lentswe "Limited" kapa kgutsufatso ya lona "Ltd" le tshwanetse ho hlaha qetellong ya lebitso ho bontsha hore koporasi e na le boikarabelo bo lekanyeditsweng.
Koporasi e tlase e tshwanetse ho ba le mantswe ana "secondary cooperative'" (koporasi e tlase) jwalo ka karolo ya lebitso la yona mme koporasi ya boemong ba bararo e tshwanetse ho ba le mantswe ana "tertiary cooperative" (koporasi ya boraro).
Koporasi e tshwanetse ho kenyelletsa lebitso la yona dikontrakeng, ditshupamelatong, ditjhekeng, mangolong a kgwebo, diotareng le ditokomaneng tse ding tsa koporasi. Lebitso la koporasi le tshwanetse ho ngolwa sebakeng sa yona sa kgwebo. Koporasi e tlase kapa ya boraro e tshwanetse ho bontsha hore ke koporasi e tlase kapa ya boraro ditokomaneng tsohle tsa yona.
Lebitso la koporasi e tlase kapa ya boraro e tshwanetse ho bontsha ka nepo bakeng sa kgwebo e hlaloswang molaong wa motheo wa koporasi. Mohlala, koporasi e tlase e sebetsanang le ditaba tsa matlo e ke ke ya ipitsa ka hore ke koporasi e tlase ya ho tsetela kapa hore ke koporasi ya kadimo ya ditjhelete.
Mongodisi wa Dikoporasi a ka laela koporasi hore o fetole lebitso la yona haeba lebitso leo le sa iphaphathe le ditaelo tsa Molao wa Dikoporasi.
Haeba koporasi eo e sa latele ditaelo tse jwalo nakong ya matsatsi a 60, Mongodisi a ka ntsha lengolo le leng la tumello le fetotsweng le fanang ka lebitso le letjha la koporasi eo le ho fetola molao wa motheo wa yona hore o bontshe phetoho ena. Haeba sena se etsahala, Mongodisi o tla hlophisa hore ho be le tsebiso ya batho bohle ka mabitso le phetoho ena ya lebitso.
Ha ho motho kapa sehlopha ntle ho koporasi se ka bontshang ka tsela efe kapa efe hore se etsa mesebetsi ya koporasi e ngodisitsweng. Ke tlolo ya molao ho tlola melao ena.
Mohlodi: Molao wa Dikoporasi wa nomoro ya 14 wa 2005
Lesedi le eketsehileng le ka fumanwa ho ba latelang:
DINTLHA TSA MOTHO EO HO KA ITEANGWANG LE YENA
Dinomoro tsa mohala: 441 1318
NTLO-KGOLO
Dinomoro tsa mohala: 441-1000
PROVENSE NOM. TSA MOHALA NO. YA FEKSE ATERESE YA EMEILE
"Hohle moo lentswe "dikoporasi" kapa "koporasi" le hlahang le fetoletse lentswe la Senyesemane "corperative(s)".
